6. Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.
7. Ba futuhela Bamidiane jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, mme ba bolaya bohle ba batona.
8. Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.
9. Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa.
10. Le metse ya bona yohle eo ba ahileng ho yona, le diahelo tsa bona tsohle ba di tjhesa ka mollo.
11. Ba nka thepa yohle, le kgapo yohle ya batho, le ya diphoofolo.
12. Jwale ba tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, bathopuwa, le kgapo, le thepa diahelong, diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.
13. Bo-Moshe le moprista Eleasare, le mahosana wohle a setjhaba, ba tswa ho kgahlanyetsa mabotho kathoko ho diahelo.
14. Moshe a halefela baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba neng ba etswa ntweng.
15. Moshe a re ho bona: “Na le tlohetse basadi bohle hore ba phele?
16. Bonang, ke bona ba entseng hore bana ba Iseraele, ka keletso ya Bileame, ba sitelwe Morena, ka taba yane ya Peore, mme sewa sa wela setjhaba sa Morena hodimo.
17. Ka baka leo he, bolayang ngwana e mong le e mong e motona; le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna.