Dipalo 31:48-54 BIBELE (SSO89SO)

48. Jwale baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba atamela ho Moshe,

49. ba re ho yena: “Rona, bahlanka ba hao, re badile bahlabani ba taolong ya rona, mme ha ho le ya mong wa rona ya siyo.

50. Re tlisitse dinyehelo tsa Morena, tseo e mong le e mong a di fumaneng, tsa dintho tse entsweng ka kgauta; dithotho tsa maqaqailana, le dipetja, le direng, le masale, le meqhalaphofo, ho tla iketsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena.”

51. Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya bona, e entseng mekgabiso eo yohle.

52. Kgauta yohle ya nyehelo e akgotswang, eo ba nyehellang Morena, ka yona, e leng e tswang ho balaodi ba ba dikete, le ho balaodi ba ba makgolo, e ne e etsa boima ba dikilo tse ka bang makgolo a mabedi.

53. Mohlabani e mong le e mong o ne a inketse kgapo.

54. Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya balaodi ba ba dikete, le ya balaodi ba ba makgolo, ba e kenya ka Tenteng ya Morena, e le hore bana ba Iseraele ba nne ba hopole Morena.

Dipalo 31