Dipalo 31:34-50 BIBELE (SSO89SO)

34. le ditonki tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong;

35. le batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi, e le barwetsana ba esong ho robale le monna.

36. Sekoto sa bobedi, seo e neng e le sa bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng, le makgolo a mahlano.

37. Seabo sa Morena e ne e le dinku tse makgolo a tsheletseng le mashome a supileng a metso e mehlano.

38. Dikgomo e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e tsheletseng, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a supileng a metso e mmedi.

39. Ditonki e ne e le dikete tse mashome a mararo le makgolo a mahlano, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a tsheletseng a motso o mong.

40. Batho e ne e le dikete tse leshome le metso e tsheletseng, mme ho bona seabo sa Morena e le batho ba mashome a mararo a metso e mmedi.

41. Moshe a nea moprista Eleasare seabo seo sa Morena, jwalokaha Morena e ne a laetse Moshe.

42. Sekoto se abetsweng bana ba Iseraele, seo Moshe a ileng a se arola ho sa bahlabani ba tswang ntweng,

43. e leng sekoto se abetsweng setjhaba, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano;

44. le dikgomo tse dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng;

45. le ditonki tse dikete tse mashome a mararo le makgolo a mahlano;

46. le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng.

47. Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele, Moshe a nka motho a le mong hodima ba mashome a mahlano, le phoofolo e le nngwe hodima tse mashome a mahlano, a di nea Balevi ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

48. Jwale baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba atamela ho Moshe,

49. ba re ho yena: “Rona, bahlanka ba hao, re badile bahlabani ba taolong ya rona, mme ha ho le ya mong wa rona ya siyo.

50. Re tlisitse dinyehelo tsa Morena, tseo e mong le e mong a di fumaneng, tsa dintho tse entsweng ka kgauta; dithotho tsa maqaqailana, le dipetja, le direng, le masale, le meqhalaphofo, ho tla iketsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena.”

Dipalo 31