Dipalo 31:31-40 BIBELE (SSO89SO)

31. Bo-Moshe le moprista Eleasare ba etsa kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.

32. Kgapo ya tse phelang, tse hapilweng, ho sa balwe thepa e nkilweng ke bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a tsheletseng, le mashome a supileng a metso e mehlano;

33. le dikgomo tse dikete tse mashome a supileng a metso e mmedi;

34. le ditonki tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong;

35. le batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi, e le barwetsana ba esong ho robale le monna.

36. Sekoto sa bobedi, seo e neng e le sa bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng, le makgolo a mahlano.

37. Seabo sa Morena e ne e le dinku tse makgolo a tsheletseng le mashome a supileng a metso e mehlano.

38. Dikgomo e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e tsheletseng, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a supileng a metso e mmedi.

39. Ditonki e ne e le dikete tse mashome a mararo le makgolo a mahlano, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a tsheletseng a motso o mong.

40. Batho e ne e le dikete tse leshome le metso e tsheletseng, mme ho bona seabo sa Morena e le batho ba mashome a mararo a metso e mmedi.

Dipalo 31