Dipalo 31:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. Seaparo se seng le se seng, le ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka letlalo, le phahlo e nngwe le e nngwe e entsweng ka boya ba dipodi, le ntho e nngwe le nngwe e entsweng ka lehong, tsena tsohle le tla di hlwekisa.”

21. Yaba moprista Eleasare o re ho bahlabani ba tswang ntweng: “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng Moshe:

22. Kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, le lekapa, le loto;

23. le ntho e nngwe le e nngwe e ke keng ya senngwa ke mollo, tsena tsohle le tla di tjhesa mollong, mme di tla hlweka; le be le di hlwekise ka metsi a tlhwekiso. Tsohle tse ke keng tsa tjheswa mollong le tla di kenya metsing.

24. Ka letsatsi la bosupa le tla hlatswa diaparo tsa lona, mme le tla hlweka; kamorao ho moo le tla kena diahelong.”

25. Morena a bua ho Moshe, a re:

26. “Wena, le moprista Eleasare, le dihlooho tsa malapa a setjhaba, balang kgapo eo le e fumaneng, ya batho le ya diphoofolo.

27. Le arole kgapo eo dikoto tse pedi, le e abele bahlabani ba tswang ntweng, le abele le setjhaba sohle.

28. Bahlabani ba tswang ntweng ba ntshetse Morena seabo. Hodima bathopuwa ba makgolo a mahlano ba ntshe a le mong; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima tse makgolo a mahlano.

29. O di nke sekotong seo ba se abetsweng, o di nee moprista Eleasare, e be nyehelo e akgoletswang Morena.

30. Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele o tla nka motho a le mong hodima bathopuwa ba mashome a mahlano; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima diphoofolo tsohle tse mashome a mahlano, mme o di nee Balevi ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.”

Dipalo 31