17. Ka baka leo he, bolayang ngwana e mong le e mong e motona; le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna.
18. Empa barwetsana bohle ba esong ho robale le monna le ipolokele bona.
19. “Mang kapa mang ya bolaileng motho, le mang kapa mang ya amileng setopo, o tla dula kantle ho diahelo ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la boraro, le ka letsatsi la bosupa, lona, le bathopuwa ba lona, le tla itlhwekisa.
20. Seaparo se seng le se seng, le ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka letlalo, le phahlo e nngwe le e nngwe e entsweng ka boya ba dipodi, le ntho e nngwe le nngwe e entsweng ka lehong, tsena tsohle le tla di hlwekisa.”
21. Yaba moprista Eleasare o re ho bahlabani ba tswang ntweng: “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng Moshe:
22. Kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, le lekapa, le loto;
23. le ntho e nngwe le e nngwe e ke keng ya senngwa ke mollo, tsena tsohle le tla di tjhesa mollong, mme di tla hlweka; le be le di hlwekise ka metsi a tlhwekiso. Tsohle tse ke keng tsa tjheswa mollong le tla di kenya metsing.
24. Ka letsatsi la bosupa le tla hlatswa diaparo tsa lona, mme le tla hlweka; kamorao ho moo le tla kena diahelong.”
25. Morena a bua ho Moshe, a re:
26. “Wena, le moprista Eleasare, le dihlooho tsa malapa a setjhaba, balang kgapo eo le e fumaneng, ya batho le ya diphoofolo.
27. Le arole kgapo eo dikoto tse pedi, le e abele bahlabani ba tswang ntweng, le abele le setjhaba sohle.
28. Bahlabani ba tswang ntweng ba ntshetse Morena seabo. Hodima bathopuwa ba makgolo a mahlano ba ntshe a le mong; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima tse makgolo a mahlano.