Dipalo 31:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Phetetsa bana ba Iseraele ho Bamidiane; kamorao ho moo o tla orosetswa setjhabeng sa heno.”

3. Yaba Moshe o bua ho setjhaba, o re: “Hlomellang bahlabani ba lona ba ye ntweng, ba futuhele Bamidiane ho phethahatswe boiphetetso ba Morena ho Bamidiane.

4. Le tla ntsha banna ba sekete morabeng o mong le o mong wa merabe yohle ya Iseraele, hore ba ye ntweng.”

5. Kahoo ha ntshwa dikete tsa Baiseraele, sekete morabeng o mong le o mong, mme ya eba leshome le metso e mmedi la dikete tsa ba hlomeletseng ntwa.

6. Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.

7. Ba futuhela Bamidiane jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, mme ba bolaya bohle ba batona.

8. Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.

9. Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa.

10. Le metse ya bona yohle eo ba ahileng ho yona, le diahelo tsa bona tsohle ba di tjhesa ka mollo.

11. Ba nka thepa yohle, le kgapo yohle ya batho, le ya diphoofolo.

Dipalo 31