8. Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.
9. “Malebana le kano e entsweng ke mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, tsohle tseo a itlamileng ka tsona di tla mo tlama.
10. “Haeba a entse kano, kapa a etsa boitlamo a sa le lapeng la monna wa hae,
11. eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama.
12. Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela.
13. “Kano efe kapa efe, le boitlamo bofe kapa bofe ba ho itima ho hong, boo a bo hlapanyetsang, monna wa hae a ka bo tiisa, kapa a bo nyopisa.
14. “Empa haeba matsatsi a feta ka ho hlahlamana, feela monna wa hae a sa re letho ho yena, e tla ba monna eo o tiisitse dikano tsohle le boitlamo bohle ba mosadi eo, boo a itlamileng ka bona. Tsena o di tiisitse, hobane ha a a ka a re letho ho mosadi, mohla letsatsi leo a neng a di utlwa ka lona.
15. Empa haeba a ka di nyopisa ho se ho fetile nako a di utlwile, monna eo ke yena ya tla jara molato wa mosadi wa hae.”
16. Ena ke yona melao eo Morena a e laetseng Moshe, e pakeng tsa monna le mosadi wa hae, le pakeng tsa ntata le moradi wa hae ya eso nyalwe, ya ntseng a le ka lapeng habo.