1. Moshe a bua ho mahosana a bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng:
2. Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae.
3. “Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae;
4. eba ntatae o utlwa kano ya hae, kapa boitlamo ba hae, boo a itlamileng ka bona, feela ntatae a sa re letho ho yena, dikano tsohle tsa hae ha di na ho fetoha, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona ha bo na ho fetoha.
5. Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse.