40. Morena a re ho Moshe: “Bala matsibolo wohle a bana ba batona ba bana ba Iseraele, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo; o ngole le palo ya mabitso a bona.
41. Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.”
42. Yaba Moshe o bala matsibolo wohle a bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
43. Matsibolo wohle a ba batona, ho ya ka palo ya matsibolo a bona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi le mashome a supileng le metso e meraro.
44. Morena a bua ho Moshe, a re:
45. “Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena.
46. Bakeng sa topollo ya bana ba Iseraele ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e meraro, e leng palo eo ba fetang Balevi ka yona,
47. o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.
48. Tjhelete eo o e nee Arone le bara ba hae, e le topollo ya palo ya bao le fetang Balevi ka yona.”
49. Yaba Moshe o nka tjhelete eo ya topollo ho bao, bao palo ya bona e fetang ya ba lopolotsweng ka Balevi.
50. Ho matsibolo a bana ba Iseraele, Moshe a bokella silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mehlano le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
51. Yaba Moshe o nea Arone le bara ba hae tjhelete ena ya topollo, ho ya ka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a laetse Moshe.