Dipalo 3:32-47 BIBELE (SSO89SO)

32. Mookamedi wa mahosana a Balevi e ne e le Eleasare, mora wa moprista Arone, ya neng a hlokomela bohle ba neng ba hlokomela Sehalalelo.

33. Ho Merari ho tswile lelapa la Mahadi, le lelapa la Mushi. Ana ke malapa a Merari.

34. Palo ya bona, ho ya ka bohle ba batona ba badilweng, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse tsheletseng le makgolo a mabedi.

35. Kgosana ya ba ntlo ya Merari e ne e le Suriele, mora wa Abihaile; ba ne ba ye ba emise lehlakoreng la Tente ya Morena, ka leboya.

36. Bara ba Merari bona ba ne ba hlokomela ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona, le dijana tsohle, le ditshebeletso tsa yona;

37. le ditshiya tsa seotlwana se potapotang, le ditshehetso tsa tsona; le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona.

38. Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.

39. Palo ya Balevi bohle ba badilweng, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ho ya ka taelo ya Morena, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

40. Morena a re ho Moshe: “Bala matsibolo wohle a bana ba batona ba bana ba Iseraele, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo; o ngole le palo ya mabitso a bona.

41. Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.”

42. Yaba Moshe o bala matsibolo wohle a bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

43. Matsibolo wohle a ba batona, ho ya ka palo ya matsibolo a bona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi le mashome a supileng le metso e meraro.

44. Morena a bua ho Moshe, a re:

45. “Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena.

46. Bakeng sa topollo ya bana ba Iseraele ba makgolo a mabedi le mashome a supileng a metso e meraro, e leng palo eo ba fetang Balevi ka yona,

47. o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.

Dipalo 3