3. Ana ke mabitso a bara ba Arone, bao a ileng a ba tlotsa hore e be baprista; a ba a ba halaletsa hore ba tle ba sebeletse e le baprista.
4. Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng.
5. Morena a bua ho Moshe, a re:
6. “Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse.
7. Ba tla phetha ditshebeletso tsa hae le ditshebeletso tsa phutheho yohle kapele ho Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa Leaho.
8. Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.
9. Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele.
10. Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”
11. Morena a bua ho Moshe, a re:
12. “Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka,
13. hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”
14. Morena a bua ho Moshe, a le lehwatateng la Sinai, a re:
15. “Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”
16. Yaba Moshe o ba bala ho ya ka taelo ya Morena, kamoo a neng a laetswe kateng.
17. Ana ke mabitso a bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.