14. Morena a bua ho Moshe, a le lehwatateng la Sinai, a re:
15. “Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”
16. Yaba Moshe o ba bala ho ya ka taelo ya Morena, kamoo a neng a laetswe kateng.
17. Ana ke mabitso a bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.
18. Ana ke mabitso a bara ba Gereshone ho ya ka malapa abo bona: Lebeni le Shimei.
19. Bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona: Amorare, le Isihare, le Heborone, le Usiele.
20. Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.