Dipalo 3:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ena ke meloko ya Arone le Moshe, mohla Morena a neng a bua ho Moshe a le hodima thaba ya Sinai.

2. Ana ke mabitso a bara ba Arone: Letsibolo ke Nadabe, e be Abihu, le Eleasare, le Itamare.

3. Ana ke mabitso a bara ba Arone, bao a ileng a ba tlotsa hore e be baprista; a ba a ba halaletsa hore ba tle ba sebeletse e le baprista.

4. Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng.

5. Morena a bua ho Moshe, a re:

6. “Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse.

7. Ba tla phetha ditshebeletso tsa hae le ditshebeletso tsa phutheho yohle kapele ho Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa Leaho.

8. Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.

9. Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele.

Dipalo 3