35. “ <Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho ya phomolo, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.
36. Empa le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.
37. Nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le pohwana, le pheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.
38. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.
39. “ <Dinyehelo tsena le tla nyehella Morena ka tsona mohla mekete ya lona e beilweng, e le tse eketsang dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, e leng dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le tsa dijo, le tsa seno, le tsa teboho.> ”
40. Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Morena a mo laetseng tsona.