Dipalo 29:25-36 BIBELE (SSO89SO)

25. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

26. “ <Ka letsatsi la bohlano le tla nyehela ka dipohwana tse robong, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

27. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

28. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

29. “ <Ka letsatsi la botshelela le tla nyehela ka dipohwana tse robedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

30. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

31. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

32. “ <Ka letsatsi la bosupa le tla nyehela ka dipohwana tse supileng, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

33. Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo.

34. Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

35. “ <Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho ya phomolo, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.

36. Empa le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

Dipalo 29