Dipalo 28:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: <Le hlokomele hore ka dinako tse beilweng le nketsetse nyehelo ya ka ya setjheso sa dijo, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang.> ”

3. “O re ho bona: <Ena ke nyehelo ya setjheso, eo le tla nyehella Morena ka yona: dikonyana tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, di be pedi ka letsatsi le leng le le leng, e be nyehelo ya kamehla ya setjheso.

4. O tla nyehela ka konyana e le nngwe hoseng, konyana ya bobedi o nyehele ka yona ka phirimana.

5. Le kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare o tutsweng, e le nyehelo ya dijo.

6. Sena ke sehlabelo sa kamehla sa setjheso, se ileng sa hlongwa thabeng ya Sinai, e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e etsetswang Morena.

7. Nyehelo ya seno e tsamayang le konyana ya pele e tla ba lethara e le nngwe ya veine e bohale, tseo o tla di qhatsetsa Morena ka Sehalalelong.

8. Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona ka phirimana, o nyehele ka yona le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

Dipalo 28