7. “Baradi ba Selofehade ba nepile. Ba nee lefa jwaloka bana babo ntata bona; etsa hore lefa la ntata bona e be la bona.
8. “O bue ho bana ba Iseraele, o re: <Ha monna a eshwa a se na mora, lefa la hae o tla le abela moradi wa hae.
9. Haeba monna eo a se na moradi, lefa la hae o le abele bana babo.
10. Haeba a se na bana babo, lefa la hae o le abele bana babo ntatae.
11. Haeba ntatae a se na bana babo, lefa la hae o le abele mong ka yena, ya haufi le yena ka tswalano, hore a le je. Ona e tla ba molao wa toka ho bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a laetse Moshe.> ”
12. Morena a re ho Moshe: “Hlwella thabeng ena ya Abarime, mme o tadime naha eo ke e neileng bana ba Iseraele.
13. Kamora hoba o e bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwaloka moholwane wa hao Arone,
14. hobane ha setjhaba se ne se belaela ka nna, bobedi ba lona le ile la mphetohela ha le le lehwatateng la Sine, la hana ho bonahatsa ho halalela ha ka ka metsi, moo setjhaba se ntseng se bona.” Metsi ana ke metsi a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine.
15. Moshe a bua ho Morena, a re:
16. “Morena Modimo wa meya yohle, le wa batho bohle, a ke a kgethele setjhaba sena monna,
17. ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.”
18. Morena a re ho Moshe: “Nka Joshua, mora wa Nune, monna ya nang le Moya wa ka, o mmee matsoho,
19. o mo ise kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho setjhaba sohle, o mo nee ditaelo moo se ntseng se bona.
20. O mo abele a mang a matla a hao, e le hore setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se tle se mo mamele.