1. Jwale ha atamela baradi ba Selofehade, mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba morabe wa Manase, mora wa Josefa. Ana ke mabitso a baradi bao: Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa.
2. Ba ema kapele ho Moshe, le kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho mahosana, le kapele ho setjhaba sohle, monyakong wa Tente ya Morena, mme ba re:
3. “Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara.
4. Ke hobaneng lebitso la ntata rona le ntshwang hara ba lelapa? Na ke hobane a se na mora? Re neeng lefa jwaloka bana babo ntata rona.”
5. Moshe a bea taba ya bona kapele ho Morena.
6. Morena a bua ho Moshe, a re:
7. “Baradi ba Selofehade ba nepile. Ba nee lefa jwaloka bana babo ntata bona; etsa hore lefa la ntata bona e be la bona.
8. “O bue ho bana ba Iseraele, o re: <Ha monna a eshwa a se na mora, lefa la hae o tla le abela moradi wa hae.
9. Haeba monna eo a se na moradi, lefa la hae o le abele bana babo.
10. Haeba a se na bana babo, lefa la hae o le abele bana babo ntatae.
11. Haeba ntatae a se na bana babo, lefa la hae o le abele mong ka yena, ya haufi le yena ka tswalano, hore a le je. Ona e tla ba molao wa toka ho bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a laetse Moshe.> ”
12. Morena a re ho Moshe: “Hlwella thabeng ena ya Abarime, mme o tadime naha eo ke e neileng bana ba Iseraele.