9. Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, le Datane, le Abirame. Datane le Abirame ke bona ba neng ba kgethilwe ke setjhaba, mme ke bona ba kileng ba lwantsha Moshe le Arone, ba ena le ba sehlopha sa Kora, ha bao ba ne ba fetohela Morena.
10. Lefatshe le ile la ahlama, mme la ba kwenya mmoho le Kora, ha sehlopha seo se eshwa. Ke mohla mollo o timetsang batho ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Hona ya eba sesupa ho setjhaba.
11. Empa bara ba Kora bona ha ba a ka ba eshwa.
12. Bara ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona, ke Nemuele, ya tswetseng morabe wa Nemuele; le Jamine, ya tswetseng morabe wa Jamine; le Jakine, ya tswetseng morabe wa Jakine;
13. le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera; le Shaule, ya tswetseng morabe wa Shaule.
14. Ana ke malapa a morabe wa Simeone. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi.
15. Bara ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, ke Sefone, ya tswetseng morabe wa Sefone; le Hagi, ya tswetseng morabe wa Hagi; le Shuni, ya tswetseng morabe wa Shuni;
16. le Oseni ya tswetseng morabe wa Oseni; le Eri, ya tswetseng morabe wa Eri;
17. le Arode, ya tswetseng morabe wa Arode; le Arele, ya tswetseng morabe wa Arele.
18. Ana ke malapa a morabe wa bara ba Gade, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.
19. Bara ba Juda ke Ere le Onane. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana.
20. Bara ba Juda, ho ya ka malapa abo bona, ke Shela, ya tswetseng morabe wa Shela; le Perese, ya tswetseng morabe wa Perese; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera.
21. Bara ba Perese e ne e le Heserone, ya tswetseng morabe wa Heserone; le Hamule, ya tswetseng morabe wa Hamule.
22. Ana ke malapa a morabe wa Juda, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mahome a supileng le metso e tsheletseng le makgolo a mahlano.