53. “Naha ena ba tla e arolelwa e le lefa la bona, ho ya ka palo ya bona.
54. Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.
55. Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona.
56. Lefa la morabe ka mong, le arolwe ka lotho, o mong le o mong o abelwe ho ya ka bongata kapa bonyenyane ba palo ya wona.”
57. Bana ke Balevi ba ileng ba balwa ho ya ka malapa abo bona: Gereshone ya tswetseng morabe wa Gereshone; le Kohate, ya tswetseng morabe wa Kohate; le Merari, ya tswetseng morabe wa Merari.
58. Ana ke malapa a Levi: Lelapa la Lebeni, le lelapa la Heborone, le lelapa la Mahadi, le lelapa la Mushi, le lelapa la Kora.Kohate a tswala Amorame.
59. Lebitso la mosadi wa Amorame e ne e le Jokobeta, moradi wa Levi, eo mmae a ileng a mo tswalla Levi ha a le Egepeta. A tswalla Amorame Arone le Moshe, le kgaitsedi ya bona Meriama.
60. Arone yena a tswala Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.
61. Bo-Nadabe le Abihu ba eshwa ha ba ne ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng.
62. Banna bohle ba ileng ba balwa e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e meraro, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Balevi ba ne ba sa balellwa le bana ba Iseraele, hobane ba ne ba sa abelwa lefa hara bana ba Iseraele.
63. Bana ke bona ba ileng ba balwa ke Moshe le moprista Eleasare e leng yena ya neng a bale bana ba Iseraele ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.
64. Hara bona ho ne ho se le ya mong wa ba neng ba balwe ke Moshe le Arone ha ba bala bana ba Iseraele lehwatateng la Sinai.