43. mme ho ya ka ba badilweng ba malapa a morabe wa Shuhame e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mene le makgolo a mane.
44. Bara ba Ashere, ho ya ka malapa abo bona, ke Jimena, ya tswetseng morabe wa Jimena, le Jishefi, ya tswetseng morabe wa Jishefi, le Beria, ya tswetseng morabe wa Beria.
45. Bara ba Beria ke Hebere, ya tswetseng morabe wa Hebere, le Malekiele, ya tswetseng morabe wa Malekiele.
46. Lebitso la moradi wa Ashere e ne e le Sera.
47. Ana ke malapa a bara ba Ashere, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane.
48. Bara ba Nafthali, ho ya ka malapa abo bona, ke Jaheseele, ya tswetseng morabe wa Jaheseele, le Guni, ya tswetseng morabe wa Guni,
49. le Jesere, ya tswetseng morabe wa Jesere, le Shileme, ya tswetseng morabe wa Shileme.
50. Ana ke malapa a Nafthali; ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a mane.
51. Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo.
52. Morena a bua ho Moshe, a re:
53. “Naha ena ba tla e arolelwa e le lefa la bona, ho ya ka palo ya bona.
54. Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.