30. Bana ke bara ba Gileade: Iesere, ya tswetseng morabe wa Iesere; le Heleke, ya tswetseng morabe wa Heleke;
31. le Asarele, ya tswetseng morabe wa Asarele; le Shekeme, ya tswetseng morabe wa Shekeme;
32. le Shemida, ya tswetseng morabe wa Shemida; le Hefere, ya tswetseng morabe wa Hefere.
33. Selofehade, mora wa Hefere, o ne a se na bara, empa a ena le baradi. Mabitso a baradi ba Selofehade e ne e le Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa.
34. Ana ke malapa a Manase, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mmedi le makgolo a supileng.
35. Bana ke bara ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona: ke Shutela, ya tswetseng morabe wa Shutela; le Bekere, ya tswetseng morabe wa Bekere; le Tahane, ya tswetseng morabe wa Tahane.
36. Mora wa Shutela ke Erane, ya tswetseng morabe wa Erane.
37. Ana ke malapa a bara ba Efraime, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mahlano. Bana ke bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona.