Dipalo 26:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora sewa sena, Morena a bua ho Moshe, le ho Eleasare, mora wa moprista Arone, a re:

2. “Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ka malapa abo bona, ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, bohle bao e ka bang bahlabani ba Iseraele.”

3. Bo-Moshe le moprista Eleasare ba bua le setjhaba se le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, ba re:

4. “Balang setjhaba sohle, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, jwalokaha Morena a laetse Moshe.”Bana ke bana ba Iseraele ba neng ba etswa naheng ya Egepeta:

5. Rubene, letsibolo la Jakobo. Bara ba Rubene ke Hanoke, ya tswetseng morabe wa Hanoke; le Palo, ya tswetseng morabe wa Palo;

6. le Heserone, ya tswetseng morabe wa Heserone; le Karimi, ya tswetseng morabe wa Karimi.

7. Ana ke malapa a morabe wa Rubene, mme ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le metso e meraro, le makgolo a supileng le mashome a mararo.

Dipalo 26