Dipalo 25:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Baiseraele ba le Shitime, setjhaba sa qala ho etsa bootswa le baradi ba setjhaba sa Moabe.

2. Baradi bana ba memela Baiseraele mahlabelong ao ba neng ba nyehella medimo eo ya bona ka wona. Setjhaba sa eja, sa kgumama kapele ho medimo eo ya bona.

3. Baiseraele ba kgumamela Baale-Peore, mme kgalefo ya Modimo ya ba tlokomela.

4. Morena a re ho Moshe: “Nka baetapele bohle ba setjhaba, o ba fanyehe kapele ho Morena, motsheare, tsatsi le itse nte! Kgalefo ya Morena e tlokomang e tle e faposwe Baiseraele.”

5. Moshe a re ho baahlodi ba Iseraele: “E mong le e mong wa lona a bolaye banna ba habo, ba ileng ba sebeletsa Baale-Peore.”

6. Bonang, monna e mong wa bana ba Iseraele a tlisa mosadi wa Momidiane ho bana babo, moo Moshe a ntseng a bona, le moo setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se ntseng se bona, se ntse se lla se le monyakong wa Tente ya Morena.

7. Ha Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, a bona hona, a ema, a tloha hara phutheho eo. A nka lerumo ka letsoho la hae,

8. a sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya ka tenteng ya hae, a ba phehletsa ka lerumo bobedi ba bona, monna eo wa Moiseraele le mosadi eo. Sewa se neng se wetse bana ba Iseraele hodimo sa fela,

9. empa se ne se se se bolaile batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.

10. Morena a bua ho Moshe, a re:

11. “Finiase, mora wa Eleasare, setloholo sa moprista Arone, o fapositse kgalefo ya ka ho bana ba Iseraele, hobane ke yena feela hara bona ya mpoulelang jwalokaha ke boulela. Ke ka baka lena ha ke ne ke halefile ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele.

Dipalo 25