Dipalo 23:25-29 BIBELE (SSO89SO)

25. Balake a re ho Bileame: “O se ke wa se rohaka ho hang, kapa wa se hlohonolofatsa ho hang.”

26. Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”

27. Balake a re ho Bileame: “Tloo, ke a o rapela: Ke tla o isa sebakeng se seng hape. Mohlomong ho tla thabisa Modimo hore o nthohakele sona ha o le moo.”

28. Balake a isa Bileame qhoweng ya Peore, e okametseng lehwatata.

29. Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka dipohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”

Dipalo 23