22. Modimo ya ba ntshitseng Egepeta,o matla jwaloka nare.
23. Ha ho boloi ho Jakobo,ha ho bonohe ho Iseraele.Ka nako ya teng ho tla thweho Jakobo le ho Iseraele:<Modimo o sebeditse hakaakang!>
24. Bona, setjhaba se tla tlolajwaloka tauhadi,le yena o tla tlolajwaloka tauhadi.E ke ke ya qatjhamae eso je phoofolo,e enwa le madi a se bolailweng.”
25. Balake a re ho Bileame: “O se ke wa se rohaka ho hang, kapa wa se hlohonolofatsa ho hang.”
26. Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”
27. Balake a re ho Bileame: “Tloo, ke a o rapela: Ke tla o isa sebakeng se seng hape. Mohlomong ho tla thabisa Modimo hore o nthohakele sona ha o le moo.”
28. Balake a isa Bileame qhoweng ya Peore, e okametseng lehwatata.
29. Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka dipohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”
30. Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile, mme a nyehela ka pohwana le ka pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.