Dipalo 23:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. Bona, ke laetswehore ke hlohonolofatse;o hlohonolofaditse,mme nke ke ka fetola.

21. “Ho ho phosoeo a e boneng ho Jakobo,ha ho bokgopoboo a bo boneng ho Iseraele.Morena Modimo wa hae,o na le yena,ba a mo thoholetsa,ba re ke kgosi ya bona.

22. Modimo ya ba ntshitseng Egepeta,o matla jwaloka nare.

23. Ha ho boloi ho Jakobo,ha ho bonohe ho Iseraele.Ka nako ya teng ho tla thweho Jakobo le ho Iseraele:<Modimo o sebeditse hakaakang!>

24. Bona, setjhaba se tla tlolajwaloka tauhadi,le yena o tla tlolajwaloka tauhadi.E ke ke ya qatjhamae eso je phoofolo,e enwa le madi a se bolailweng.”

25. Balake a re ho Bileame: “O se ke wa se rohaka ho hang, kapa wa se hlohonolofatsa ho hang.”

26. Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”

27. Balake a re ho Bileame: “Tloo, ke a o rapela: Ke tla o isa sebakeng se seng hape. Mohlomong ho tla thabisa Modimo hore o nthohakele sona ha o le moo.”

28. Balake a isa Bileame qhoweng ya Peore, e okametseng lehwatata.

29. Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka dipohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”

30. Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile, mme a nyehela ka pohwana le ka pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.

Dipalo 23