Dipalo 23:13-20 BIBELE (SSO89SO)

13. Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.”

14. A mo isa tshimong ya Sofime, hodima qhowa ya Pisega. A haha dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe a nyehela ka pohwana le pheleu.

15. Bileame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso. Ke tla kopana le Morena mose mane.”

16. Morena a kopana le Bileame, a mmolella hore na a tle a reng, mme a re: “Kgutlela ho Balake, o bue tjena.”

17. Bileame a fihla ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe. Balake a botsa Bileame, a re: “Morena o itseng?”

18. Bileame a boela a porofeta, a re:“Tsoha Balake, o mamele!Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore.

19. Modimo hase mothohoo a ka buang leshano,hase mora wa mothohoo a ka inyatsang.Na seo a se bolelanga ke ke a se etsa?Na seo a se builenga ke ke a se phetha?

20. Bona, ke laetswehore ke hlohonolofatse;o hlohonolofaditse,mme nke ke ka fetola.

Dipalo 23