Dipalo 23:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Bileame a re ho Balake:“Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka pohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”

2. Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile. Balake le Bileame ba nyehela ka pohwana le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.

3. Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho.

4. Modimo a kopana le Bileame, mme Bileame a re ho yena: “Ke hlophile dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe ke nyehetse ka pohwana le ka pheleu.”

5. Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.”

6. Bileame a kgutlela ho Balake, mme a mo fumana a ntse a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso, a ena le mahosana wohle a Moabe.

7. Bileame a porofeta, a re:“Balake, kgosi ya Moabe,e tswang thabeng tsa botjhabela,o ntlisitse kwano ke etswa Arame.<Tloo o nthohakele Jakobo!Tloo o halefele Baiseraele.>

8. Nka rohaka e mong jwang,ya sa rohakwang ke Modimo?Nka halefela jwang,eo Modimo a sa mo halefelang?

9. E, ka mmona ke le qhowenge hodima mafika,Ka mmona ke le hodima maralla.Sena ke setjhabase ahileng se le inotshi,se ke keng sa balellwahara tjhaba tse ding.

10. Ke mang ya ka balangditloholo tsa Jakobo?Ke mang ya ka balangkarolo ya bone ya Baiseraele?A nke ke shwe lefu la ba lokileng!Pheletso ya kae ke e tshwane le ya hae.”

11. Balake a re ho Bileame: “O nkentse jwang? Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa jwale o bile o di hlohonolofaditse!”

12. Bileame a mo arabela, a re: “Na ha ho jwalo? Ha ke a tshwanela ho bua seo Morena a itseng ke se bue?”

13. Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.”

14. A mo isa tshimong ya Sofime, hodima qhowa ya Pisega. A haha dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe a nyehela ka pohwana le pheleu.

Dipalo 23