Dipalo 22:4-19 BIBELE (SSO89SO)

4. Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane: “Letshwelehadi lena le tla qeta tsohle tse re potapotileng, jwalokaha pholo e fula jwang naheng.”Balake, mora wa Sipore, e ne e le yena kgosi ya Moabe ka nako eo.

5. A romela maqosa naheng ya Baamone, ho ya bitsa Bileame, mora wa Beore, ya neng a le Petore e pela Noka a re: “Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta, se pupeditse naha yohle; se ahile pela ka.

6. Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”

7. Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha ba nkile tjhelete ya bonohe. Ba fihla ho Bileame, mme ba mo phetela molaetsa wa Balake.

8. Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.

9. Modimo a fihla ho Bileame, a re: “Banna baa ba nang le wena ke bomang?”

10. Bileame a re ho Modimo: “Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, o nthomeletse molaetsa ona:

11. <Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta se pupeditse naha; jwale tloo, mme o nthohakele sona, mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka.> ”

12. Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.”

13. Bileame a tsoha e sa le hoseng, a re ho mahosana a Balake: “Kgutlelang naheng ya habo lona, hobane Morena ha a ntumelle ho tsamaya le lona.”

14. Mahosana a Moabe a tsamaya, a kgutlela ho Balake, a re: “Bileame o hanne ho tla le rona.”

15. Balake a boela a romela mahosana a mang hape, a tumileng haholo ho feta a pele.

16. Mahosana ao a fihla ho Bileame, mme a re ho yena: “Balake, mora wa Sipore, o buile tjena: <Ho se be letho le ka o thibelang ho tla ho nna, ke a o kopa.

17. Ke tla o tlotla haholo, mme ke tla etsa eng kapa eng eo o tla ntaela yona. Ka baka leo, tloo, ke a o rapela. Nthohakele setjhaba sena!> ”

18. Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane.

19. Jwale le lona ke a le rapela; robaletsang mona bosiung bona, hore ke tle ke tsebe seo Morena a ntaelang sona hape.”

Dipalo 22