29. Bileame a re ho tonki: “Ke hobane o bapala ka nna! Hoja ke ne ke tshwere sabole, hona jwale nka be ke se ke o bolaile.”
30. Tonki ya re ho Bileame: “Na ha ke tonki ya hao, eo esaleng o e palama haesale o tswalwa, ho fihlela kajeno? Na ke nne ke o etse tjee?”Bileame a re: “Tjhe.”
31. Jwale Morena a tutubolla mahlo a Bileame. A bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsoho; yaba o a inama, o itihela fatshe ka sefahleho.
32. Lengeloi la Morena la re ho yena: “Ke hobaneng ha o shapile tonki ya hao ka makgetlo a mararo? Bona mona, ke tlile ho tla o thibela, hobane, tsela ya hao e isa timelong.
33. Tonki e ile ya mpona, mme ka makgetlo a mararo ya nkwekwetla. Hojane ya se ke ya nkwekwetla, ruri hona jwale nka be ke se ke o bolaile, empa yona nka be ke e babaletse.”
34. Bileame a re ho lengeloi la Morena: “Ke sitilwe, hobane ke ne ke sa tsebe hore o nthibetse tsela. Haeba o nkgalefetse nka mpa ka kgutla.”
35. Lengeloi la Morena la re ho Bileame: “Tsamaya le banna bana, feela o yo bolela seo ke tla o bolella sona.” Bileame a tsamaya le mahosana a Balake.
36. Ha Balake a utlwa hore Bileame o ntse a etla, a ya mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe, o moeding wa Arenone, moo moedi o fellang teng.
37. Balake a re ho Bileame: “Na ha ke a ka ka fela ka roma maqosa ho ya o bitsa? Ke hobaneng o sa kang wa tla ho nna? Na ruri ke sitwa ho o tlotla?”
38. Bileame a re ho Balake: “Bona he, ke se ke le teng. Ke na le matla afe a ho bua letho? Ke tla bua feela seo Modimo a reng ke se bue.”
39. Bileame a tsamaya le Balake, ba ya fihla Kiriate-Husote.
40. Balake a etsa sehlabelo ka dipholo le ka dinku, a romela ditho tse ding tsa tsona ho Bileame le ho mahosana a neng a ena le yena.
41. Ka la hosasane, Balake a tsamaya le Bileame, a mo isa Bamote-Baale, moo a ileng a bona karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele.