Dipalo 22:2-16 BIBELE (SSO89SO)

2. Balake, mora wa Sipore, a bona tsohle tseo Baiseraele ba di entseng ho Baamore.

3. Bamoabe ba tshaba setjhaba seo haholo, hobane se ne se le sengata haholo. Bamoabe ba tshoha haholo ka baka la bana ba Iseraele.

4. Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane: “Letshwelehadi lena le tla qeta tsohle tse re potapotileng, jwalokaha pholo e fula jwang naheng.”Balake, mora wa Sipore, e ne e le yena kgosi ya Moabe ka nako eo.

5. A romela maqosa naheng ya Baamone, ho ya bitsa Bileame, mora wa Beore, ya neng a le Petore e pela Noka a re: “Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta, se pupeditse naha yohle; se ahile pela ka.

6. Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”

7. Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha ba nkile tjhelete ya bonohe. Ba fihla ho Bileame, mme ba mo phetela molaetsa wa Balake.

8. Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.

9. Modimo a fihla ho Bileame, a re: “Banna baa ba nang le wena ke bomang?”

10. Bileame a re ho Modimo: “Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, o nthomeletse molaetsa ona:

11. <Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta se pupeditse naha; jwale tloo, mme o nthohakele sona, mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka.> ”

12. Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.”

13. Bileame a tsoha e sa le hoseng, a re ho mahosana a Balake: “Kgutlelang naheng ya habo lona, hobane Morena ha a ntumelle ho tsamaya le lona.”

14. Mahosana a Moabe a tsamaya, a kgutlela ho Balake, a re: “Bileame o hanne ho tla le rona.”

15. Balake a boela a romela mahosana a mang hape, a tumileng haholo ho feta a pele.

16. Mahosana ao a fihla ho Bileame, mme a re ho yena: “Balake, mora wa Sipore, o buile tjena: <Ho se be letho le ka o thibelang ho tla ho nna, ke a o kopa.

Dipalo 22