Dipalo 22:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, ba ya hloma diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.

2. Balake, mora wa Sipore, a bona tsohle tseo Baiseraele ba di entseng ho Baamore.

3. Bamoabe ba tshaba setjhaba seo haholo, hobane se ne se le sengata haholo. Bamoabe ba tshoha haholo ka baka la bana ba Iseraele.

4. Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane: “Letshwelehadi lena le tla qeta tsohle tse re potapotileng, jwalokaha pholo e fula jwang naheng.”Balake, mora wa Sipore, e ne e le yena kgosi ya Moabe ka nako eo.

5. A romela maqosa naheng ya Baamone, ho ya bitsa Bileame, mora wa Beore, ya neng a le Petore e pela Noka a re: “Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta, se pupeditse naha yohle; se ahile pela ka.

6. Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”

7. Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha ba nkile tjhelete ya bonohe. Ba fihla ho Bileame, mme ba mo phetela molaetsa wa Balake.

8. Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.

9. Modimo a fihla ho Bileame, a re: “Banna baa ba nang le wena ke bomang?”

Dipalo 22