Dipalo 21:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha kgosi Arada wa Mokanana, ya neng a ahile Negebe, a utlwa hore Iseraele o ntse a etla ka tsela ya Atarime, a lwantsha Baiseraele, mme a hapa ba bang ba bona.

2. Yaba Iseraele o a hlapanya, o re ho Morena: “Ruri haeba o ka mpha matla a ho hlola setjhaba sena, ke tla ripitla metse ya sona ho hang.”

3. Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.

4. Ho tloha thabeng ya Hore ba tsamaya ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka, hore ba kekolohe naha ya Edomo. Setjhaba sa fellwa ke mamello tseleng.

5. Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”

6. Yaba Morena o romela dinoha tse mahloko hara setjhaba, tsa loma batho, mme Baiseraele ba bangata ba eshwa.

7. Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.

8. Morena a re ho Moshe: “Bopa noha e mahloko, o e fanyehe sefateng. E mong le e mong ya lomilweng, ha a e tadima o tla fola.”

9. Moshe a bopa noha ka lethose, a e fanyeha sefateng. E ne e ye ere ha mang kapa mang ya lomilweng ke noha a tadima noha ena ya lethose, ebe o a fola.

10. Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ba ya hloma Obote.

11. Ho tloha Obote ba ya hloma masuping a dithabeng tsa Abarime, lehwatateng le ka botjhabela ho Moabe.

Dipalo 21