Dipalo 20:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Moshe a nka molamu o neng o le kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

10. Moshe le Arone ba bokanya setjhaba sohle kapele ho lefika, mme a re ho sona: “Mamelang jwale, mahlabaphiyo ting! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?”

11. Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.

12. Jwale Morena a re ho Moshe, le ho Arone: “Kahobane ha le a ka la dumela ho nkgalaletsa moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona, ka baka lena le ke ke la fihlisa setjhaba sena naheng eo ke se neileng yona.”

13. Ana ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba ileng ba lwantsha Morena, mme Morena a iponahatsa hore o a halalela.

14. Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re:“Ngwaneno, Iseraele, o re: <O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.

15. Bo-ntata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra phela teng nako e telele. Baegepeta ba ile ba re tuba, ba tuba le bo-ntata rona.

16. Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta.“ <Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao.

17. Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra tsamaya hara masimo, kapa hara dirapa tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba. Re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi; re ke ke ra thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.> ”

18. Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.”

Dipalo 20