5. Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, wa re tlisa sebakeng se sebe see? Ke sebaka se ke keng sa lengwa, ha se na difeiye, kapa morara, kapa dikgarenate; ebile ha ho na le metsi a ka nowang!”
6. Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona.
7. Morena a bua ho Moshe, a re:
8. “Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.”
9. Moshe a nka molamu o neng o le kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.