Dipalo 20:21-29 BIBELE (SSO89SO)

21. Ka mokgwa o jwalo, Edomo a hanela Iseraele ho feta hara naha ya hae, mme Iseraele a mo pota kathoko.

22. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Kadeshe, sa fihla thabeng ya Hore.

23. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le thabeng ya Hore, pela moedi wa naha ya Edomo, a re:

24. “Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.

25. Nka Arone le mora wa hae Eleasare, o ba nyollele thabeng ya Hore.

26. Ha o fihla teng o hlobodise Arone diaparo tsa hae, o di apese Eleasare, mora wa hae. Arone yena o tla oroswa, a shwelle hona moo.”

27. Moshe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moo setjhaba sohle se ntseng se bona, ba nyolohela thabeng ya Hore.

28. Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora wa hae. Arone a shwella hona moo hodima thaba. Jwale Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.

29. Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, malapa wohle a Iseraele a llela Arone ka matsatsi a mashome a mararo.

Dipalo 20