18. Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.”
19. Bana ba Iseraele ba re ho yena: “Re tla itsamaela feela mmileng o moholo. Haeba re ka nwa metsi a hao, rona le diphoofolo tsa rona, re tla a lefa. Re ikopela ho feta ka tsela feela.”
20. Edomo a re: “Le ke ke la feta!” Edomo a tswa motseng, a ba futuhela ka banna ba bangata, ka sekgahla se seholo.
21. Ka mokgwa o jwalo, Edomo a hanela Iseraele ho feta hara naha ya hae, mme Iseraele a mo pota kathoko.
22. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Kadeshe, sa fihla thabeng ya Hore.
23. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le thabeng ya Hore, pela moedi wa naha ya Edomo, a re:
24. “Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.
25. Nka Arone le mora wa hae Eleasare, o ba nyollele thabeng ya Hore.
26. Ha o fihla teng o hlobodise Arone diaparo tsa hae, o di apese Eleasare, mora wa hae. Arone yena o tla oroswa, a shwelle hona moo.”
27. Moshe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moo setjhaba sohle se ntseng se bona, ba nyolohela thabeng ya Hore.