15. Bo-ntata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra phela teng nako e telele. Baegepeta ba ile ba re tuba, ba tuba le bo-ntata rona.
16. Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta.“ <Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao.
17. Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra tsamaya hara masimo, kapa hara dirapa tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba. Re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi; re ke ke ra thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.> ”
18. Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.”
19. Bana ba Iseraele ba re ho yena: “Re tla itsamaela feela mmileng o moholo. Haeba re ka nwa metsi a hao, rona le diphoofolo tsa rona, re tla a lefa. Re ikopela ho feta ka tsela feela.”