1. Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.
2. Setjhaba se ne se hloka metsi, mme sa ikopanya ho lwantsha Moshe le Arone.
3. Setjhaba sa lwantsha Moshe, sa bua, sa re: “Hoja le rona re hlile ra itjhwella ha bana babo rona ba eshwa kapele ho Morena!
4. Ke hobaneng ha o tlisitse setjhaba see sa Morena lehwatateng lee, hore re tlo shwela teng, rona le diphoofolo tsa rona?
5. Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, wa re tlisa sebakeng se sebe see? Ke sebaka se ke keng sa lengwa, ha se na difeiye, kapa morara, kapa dikgarenate; ebile ha ho na le metsi a ka nowang!”
6. Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona.
7. Morena a bua ho Moshe, a re:
8. “Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.”