Dipalo 2:8-21 BIBELE (SSO89SO)

8. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane.

9. “Palo yohle ya mokgetho wa Juda e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e tsheletseng le makgolo a mane ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla tloha pele.

10. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure.

11. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano.

12. “Ba tla hloma pela hae e tla ba ba morabe wa Simeone, mme kgosana ya bana ba Simeone e tla ba Shelomiele, mora wa Surishadai.

13. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e robong le makgolo a mararo.

14. “Jwale e be morabe wa Gade, mme kgosana ya bana ba Gade e tla ba Eleasafo, mora wa Reuele.

15. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano.

16. “Palo yohle ya mokgetho wa Rubene e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le motso o le mong, le makgolo a mane le mashome a mahlano, ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla latela ba tlohileng pele.

17. “Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae.

18. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.

19. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.

20. “Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure.

21. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi.

Dipalo 2