4. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng.
5. “Ba tla hloma pela Juda e tla ba ba morabe wa Isakare, mme kgosana ya morabe wa Isakare e tla ba Netanele mora wa Suare.
6. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane.
7. “Jwale e be morabe wa Sebulone, mme kgosana ya bana ba Sebulone e tla ba Eliabe, mora wa Helone.
8. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane.
9. “Palo yohle ya mokgetho wa Juda e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e tsheletseng le makgolo a mane ho ya ka mabotho a bona, mme ke bona ba tla tloha pele.
10. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure.
11. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano.
12. “Ba tla hloma pela hae e tla ba ba morabe wa Simeone, mme kgosana ya bana ba Simeone e tla ba Shelomiele, mora wa Surishadai.
13. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e robong le makgolo a mararo.