Dipalo 2:28-34 BIBELE (SSO89SO)

28. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano.

29. “Jwale e be morabe wa Nafthali. Kgosana ya bana ba Nafthali e tla ba Ahira, mora wa Enane.

30. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane.

31. “Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Dane ya eba dikete tse lekgolo le mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a tsheletseng, mme bona e tla ba ba ho qetela ba tlohang.”

32. Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.

33. Empa ha e le Balevi ha ba a ka ba balellwa le bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

34. Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba hloma pela mekgele ya bona, ba tswela pele leetong, e mong le e mong le ba lelapa la hae, ho ya ka matlo a bo-ntata bona.

Dipalo 2