18. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.
19. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.
20. “Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure.
21. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi.
22. “Jwale e be morabe wa Benjamine. Kgosana ya bana ba Benjamine e tla ba Abidane, mora wa Gidoni.
23. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane.
24. “Bohle ba badilweng ba mokgetho wa Efraime ya eba dikete tse lekgolo le metso e robedi le lekgolo, ho ya ka mabotho a bona, mme e tla ba ba boraro ba tlohang.
25. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Dane ba tla ba ka lehlakoreng le ka leboya, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Dane e tla ba Ahiesere, mora wa Amishadai.
26. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mmedi le makgolo a supileng.
27. “Pela bao e tla ba ba morabe wa Ashere. Kgosana ya bana ba Ashere e tla ba Pagiele, mora wa Okerane.
28. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano.