17. “Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae.
18. “Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.
19. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.
20. “Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure.
21. Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi.
22. “Jwale e be morabe wa Benjamine. Kgosana ya bana ba Benjamine e tla ba Abidane, mora wa Gidoni.