1. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:
2. “Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona.
3. “Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe.
4. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng.
5. “Ba tla hloma pela Juda e tla ba ba morabe wa Isakare, mme kgosana ya morabe wa Isakare e tla ba Netanele mora wa Suare.
6. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane.
7. “Jwale e be morabe wa Sebulone, mme kgosana ya bana ba Sebulone e tla ba Eliabe, mora wa Helone.
8. Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane.