Dipalo 19:7-18 BIBELE (SSO89SO)

7. Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

8. Ya tjhesitseng sethole sena a hlatswe diaparo tsa hae ka metsi, a be a tole ka metsi. O tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

9. “Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe.

10. Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona.

11. “Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.

12. O tla itlhwekisa ka metsi ao ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, mme jwale e tla ba o hlwekile.

13. Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena.

14. “Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.

15. Sejana se seng le se seng se sa kwahelwang, se na le sesila.

16. “Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.

17. “Motho eo ya sa hlwekang ba tla mo nkela molora wa nyehelo ya sehlabelo se tlosang sebe, ba o nyanyatse ka metsi a tswa kguwa sedibeng.

18. Ba tla nka lehlaku la hisopa, ba le ine metsing, ebe monna ya hlwekileng o foka ka wona hodima tente, le hodima tsohle, le hodima bohle ba moo, le hodima monna eo ya ileng a ama lesapo kapa motho ya bolailweng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lebitla.

Dipalo 19