Dipalo 19:19-22 BIBELE (SSO89SO)

19. Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile.

20. Haeba monna enwa ya sesila a sa itlhwekise, o tla kgaolwa setjhabeng, hobane o tla be a silafaditse Sehalalelo sa Morena. Ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa, mme o sesila.

21. “Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.

22. Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.”

Dipalo 19