Dipalo 19:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re:

2. “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng: Bua le bana ba Iseraele, o re ba o tlisetse sethole se sekgunwana, se se nang sepha, se esong ho panwe.

3. O tla se nea moprista Eleasare, a se ntshetse kantle ho diahelo, se hlajwe moo a ntseng a bona.

4. Moprista Eleasare o tla qopetsa monwana wa hae mading, a foke ka wona ka makgetlo a supileng kapele ho monyako wa Tente ya Morena.

5. Sethole sena se tjheswe moo Eleasare a ntseng a bona. Letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a mang a sona, le wona moswang wa sona, tsena di tla tjheswa.

6. Jwale moprista a nke patsi ya sefate sa kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, a di akgele mollong, moo sethole se ntseng se etjha teng.

7. Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

8. Ya tjhesitseng sethole sena a hlatswe diaparo tsa hae ka metsi, a be a tole ka metsi. O tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

9. “Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe.

10. Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona.

11. “Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.

Dipalo 19